19. Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?
20. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana.
21. Ke tla tabola le masira a lona, ke pholose setjhaba sa ka matsohong a lona. Se ke ke sa hlola se wela matsohong a lona ho iketsetsa borata ka sona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.
22. Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela.