Esekiele 13:11-21 BIBELE (SSO89SO)

11. bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka.

12. Ha lerako lee le se le wele, na setjhaba ha se na ho le botsa, se re: “E kae phepa eo le neng le dile lerako ka yona?”

13. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.

14. Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

15. Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse,

16. e leng baporofeta ba Iseraele, ba ileng ba porofetela Jerusalema, ba boneng dipono tse reng e tla ba le kgotso, empa kgotso e le siyo, ho rialo Morena.> ”

17. “Ka mokgwa o jwalo, wena ngwana motho, fahleho sa hao a se ke se tadimane le baradi ba setjhaba sa heno, ba hlahisang boporofeta bo itswelang mehopolong ya bona. Wena o porofete, o ba hanyetse,

18. o re: <Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa?

19. Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?

20. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana.

21. Ke tla tabola le masira a lona, ke pholose setjhaba sa ka matsohong a lona. Se ke ke sa hlola se wela matsohong a lona ho iketsetsa borata ka sona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

Esekiele 13