6. O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”
7. Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile.
8. Ka la hosasane lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
9. “Wena ngwana motho, na setjhaba sa Iseraele, setjhaba see sa bafetohedi, ha se a ka sa o botsa, sa re: <O etsang?>
10. “Ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Molaetsa ona ke wa kgosana ya Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba phelang moo.>
11. Ere ho bona: <Ke nna sesupo sa lona.>“Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng.
12. “Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela.
13. Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.
14. Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole.
15. “Ha ke ba qhalanyetsa hara ditjhaba, ke ba hasanya hara dinaha, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.