2. “Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
3. “Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela.
4. Motsheare le itse nte! moo ba ntseng ba o shebile, o ntshe thoto ya hao, o itokisetse ho ya bothopuweng. Mantsiboya, moo ba ntseng ba o shebile, o tsamaye jwaloka ba yang bothopuweng.
5. Moo ba ntseng ba o shebile, o phunye lesoba leboteng la ntlo ya hao, o ntshe thoto ya hao le hona teng.
6. O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”
7. Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile.
8. Ka la hosasane lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
9. “Wena ngwana motho, na setjhaba sa Iseraele, setjhaba see sa bafetohedi, ha se a ka sa o botsa, sa re: <O etsang?>
10. “Ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Molaetsa ona ke wa kgosana ya Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba phelang moo.>
11. Ere ho bona: <Ke nna sesupo sa lona.>“Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng.
12. “Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela.
13. Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.
14. Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole.
15. “Ha ke ba qhalanyetsa hara ditjhaba, ke ba hasanya hara dinaha, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.
16. Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”
17. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re: