Esekiele 12:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.

14. Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole.

15. “Ha ke ba qhalanyetsa hara ditjhaba, ke ba hasanya hara dinaha, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.

16. Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”

17. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:

18. “Wena ngwana motho, dijo tsa hao a di je o thothomela, metsi a hao o a nwe o tlakasela, o tshwenyehile.

19. Ere ho setjhaba sa naha ena: <Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.

20. Metse e tla hloka baahi, naha e fetohe nanaola, mme le tla tseba hore ke nna Morena.> ”

21. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

22. “Wena ngwana motho, ke puo nngwe eo le e buang naheng ee ya Iseraele, puo e reng: <Matsatsi a a lelefala, pono e nngwe le e nngwe e fetoha lefeela>?

23. Ka baka leo, ba bolelle, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.> Empa ba bolelle, o re: <Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.

24. “ <Ha ho sa tla hlola ho eba le dipono tsa leshano, kapa boporofeta ba bohata kahara setjhaba sa Iseraele.

Esekiele 12