Esekiele 12:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.

3. “Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela.

4. Motsheare le itse nte! moo ba ntseng ba o shebile, o ntshe thoto ya hao, o itokisetse ho ya bothopuweng. Mantsiboya, moo ba ntseng ba o shebile, o tsamaye jwaloka ba yang bothopuweng.

5. Moo ba ntseng ba o shebile, o phunye lesoba leboteng la ntlo ya hao, o ntshe thoto ya hao le hona teng.

6. O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”

7. Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile.

8. Ka la hosasane lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

Esekiele 12