Esekiele 10:9-22 BIBELE (SSO89SO)

9. Ka tadima, mme ka lehlakoreng la dikerubime ka bona mabidi a mane, le le leng ka lehlakoreng la kerubime e nngwe le e nngwe. Mabidi ana a ne a phatsima sa lehakwe la bohlokwa.

10. Mabidi ana a mane a ne a tshwana, lebidi ka leng le ka lebidi le keneng ka ho le leng.

11. Ha a ntse a phethoha, a ne a ye a phethohele lehlakoreng lefe kapa lefe leo kerubime a tadimileng ka ho lona. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi a ne a sa phethohe. Dikerubime tsena di ne di leba kae le kae moo di tadimileng teng, empa di sa retelehe ha di ntse di tsamaya.

12. Hohle mmeleng ya tsona le mekokotlong ya tsona, le matsohong a tsona, le mapheong a tsona ho ne ho tletse mahlo, esita le mabiding a tsona a mane.

13. Ka utlwa lerata la mabidi ha a phethoha.

14. Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.

15. Jwale dikerubime tsa phahamela hodimo. Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke ileng ka di bona pela noka ya Kebare.

16. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a ne a phethoha; ha dikerubime di thathalatsa mapheo a tsona hore di phahame fatshe, mabidi a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.

17. Ha dikerubime di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dikerubime di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.

18. Jwale tlotla ya Morena ya tloha monyako wa Tempele, ya ya ema kahodimo ho dikerubime.

19. Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona.

20. Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke neng ke ile ka di bona di le katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka hlokomela hore e ne e le dikerubime.

21. Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne le mapheo a mane, mme katlasa mapheo a tsona ho ne ho ena le ntho e kang ke matsoho a motho.

22. Difahleho tsa tsona di ne di tshwana le tseo ke neng ke ile ka di bona pela noka ya Kebare. Kerubime ka nngwe e ne e toba pele feela.

Esekiele 10