4. Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.
5. Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.
6. Yare ha Morena a laela monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, a re: “Nka mollo o hara mabidi a dikerubime,” monna eo a kena, a ema pela lebidi.
7. Kerubime e nngwe ya nanabetsa letsoho la yona, ya le isa mollong o neng o le hara dikerubime, ya nka mashala a mang ya a bea kahara matsoho a monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, mme yena a a nka, a tswa.