Esekiele 1:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.

18. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota.

19. Ha dibopuwa tsena tse phelang di tsamaya, le mabidi a mahlakoreng a tsona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di phahama, mabidi le wona a ne a phahama.

20. Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.

21. Ha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dibopuwa di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.

22. Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang.

23. Katlasa loapi lena, mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thathaletse, a thetsane le a sebopuwa se seng, a mang a mabedi a kwahetse mmele wa sebopuwa ka seng.

24. Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.

25. Ha di ntse di eme jwalo, di phuthile mapheo a tsona, ha utlwahala lentswe le tswang kahodimo ho loapi le okametseng dihlooho tsa tsona.

Esekiele 1