Esekiele 1:13-28 BIBELE (SSO89SO)

13. Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.

14. Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.

15. Ha ke ntse ke tadimile dibopuwa tsena tse phelang, ka bona lebidi le le fatshe ka lehlakoreng la sebopuwa ka seng, se nang le difahleho tse nne.

16. Mabidi ana a mane a ne a tshwana; lebidi ka leng le ne le phatsima jwaloka lehakwe la bohlokwa, le le jwalokaha e ka le kena kahara lebidi le leng.

17. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.

18. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota.

19. Ha dibopuwa tsena tse phelang di tsamaya, le mabidi a mahlakoreng a tsona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di phahama, mabidi le wona a ne a phahama.

20. Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.

21. Ha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dibopuwa di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.

22. Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang.

23. Katlasa loapi lena, mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thathaletse, a thetsane le a sebopuwa se seng, a mang a mabedi a kwahetse mmele wa sebopuwa ka seng.

24. Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.

25. Ha di ntse di eme jwalo, di phuthile mapheo a tsona, ha utlwahala lentswe le tswang kahodimo ho loapi le okametseng dihlooho tsa tsona.

26. Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.

27. Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.

28. Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena.Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.

Esekiele 1