Esaya 9:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Ka tsatsi le le lengMorena o tla kgaola,a kgaole hlooho ya Iseraelele mohatla wa yona,a kgaole lekala,a kgaole le lehlaka.

15. Baholo le bahlomphehike yona hlooho,moporofeta wa bohatake wona mohatla.

16. Baetapele ba tjhaba senaba a se kgelosa,ebe ba tsamaiswangbona ba a timela.

17. Kahoo Morena ha a sa tla thabelabatjha ba bona,dikgutsana le bahlolohadiha a sa ba utlwela bohloko,hobane bohle ba kgopo,ke baetsadibe.Molomo wa e mong le e mongo a nyefola,leha ho le jwalokgalefo ya hae ha e a kokobela,tsoho la haeo ntsa le phahamisitse.

18. Ruri bokgopo bo tuka sa mollo,bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa,bo hotetsa le meru e teteaneng,mosi o foqohe, o lebe hodimo.

19. Kgalefo ya Morena wa mabothoe tjhesa lefatshe,tjhaba e be dibesotse fepelang mollo;ha ho ya tla qenehela ngwanabo.

Esaya 9