13. Tjhaba ha se a kgutlelaho ya se otlileng,leha e le ho batlaMorena wa mabotho.
14. Ka tsatsi le le lengMorena o tla kgaola,a kgaole hlooho ya Iseraelele mohatla wa yona,a kgaole lekala,a kgaole le lehlaka.
15. Baholo le bahlomphehike yona hlooho,moporofeta wa bohatake wona mohatla.
16. Baetapele ba tjhaba senaba a se kgelosa,ebe ba tsamaiswangbona ba a timela.
17. Kahoo Morena ha a sa tla thabelabatjha ba bona,dikgutsana le bahlolohadiha a sa ba utlwela bohloko,hobane bohle ba kgopo,ke baetsadibe.Molomo wa e mong le e mongo a nyefola,leha ho le jwalokgalefo ya hae ha e a kokobela,tsoho la haeo ntsa le phahamisitse.
18. Ruri bokgopo bo tuka sa mollo,bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa,bo hotetsa le meru e teteaneng,mosi o foqohe, o lebe hodimo.
19. Kgalefo ya Morena wa mabothoe tjhesa lefatshe,tjhaba e be dibesotse fepelang mollo;ha ho ya tla qenehela ngwanabo.
20. Ba ja tse ka tsohong le letona,empa ha ba ke be ba kgore,ba je tse ka ho le letshehadi,le teng ba se ke be ba kgotsofale,motho ka monga je nama ya tsoho la hae.