Esaya 9:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane.

2. Setjhaba se neng se phela lefifing,se bone lesedi le leholo;se neng se phela lefifingle letsholetsho,jwale se tjhabetswe ke lesedi.

3. O atisitse setjhaba,thabo ya sona wa e eketsa,sa thaba pontsheng ya hao,jwalokaha batho ba thabela kotulo,ba thabela ho arolelana kgapo.

4. Joko e neng e se imela,le molamuo neng o le mahetleng a sona,le thupa ya mohlorisi wa sona,tsena o di robilesa mohla o hlolang Bamede.

5. Seeta sa mohlabani ka mong,seaparo ka sengse sudubantsweng mading,tsena di tla akgelwa mollong,di tjheswe.

6. Rona re tswaletswe Ngwana,rona re filwe Mora,puso e tla ba mahetleng a hae,o tla bitswaRadimakatso le Moeletsi,Modimo ya matla, Rabosafeleng,Kgosana ya Kgotso.

7. O tla hodisa mmuso wa hae,o be le kgotso e sa feleng;o tla busaa le teroneng ya Davida,a okamele mmuso wa hae,a o tsitsise,a o tshehetse ka tokale ka ho loka kamehla le mehla.Tjheseho ya Morena mabothoe tla phethahatsa hona.

8. Morena o rometse molaetsa,a o romela ho Jakobo,molaetsa ooo tobile tjhaba sa Iseraele.

9. Tjhaba sohle se tla o tseba,ba morabe wa Efraimele baahi ba Samaria,bona ba buang ka boikgantsho,le ka boikgohomoso, ba re:

Esaya 9