17. “Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang,ba itlhwekisetsaho kgumamela medingwana,ho e kgumamela masimong,ba emeng kamora sefatese bohareng ba tshimo,ba jang nama ya dikolobele ya ditweba, le tse manyala,bana ba tla timetswa kaofela,”ho rialo Morena.
18. “Ke tseba diketso tsa bonale mehopolo ya bona;nako e tla fihla,ke kgobokanye ditjhaba,le ba dipuo tsohle,bohle ba tla tlaba bohe tlotla ya ka.
19. “Ke tla etsa pontsho hara bona,ba phonyohilengke ba romele ditjhabengtsa Tarshishe, le Pule, le Lode,e leng tsona tse tummengka ho fula ka metsu.Ke tla ba romela Tubale le Jafane,le dihlekehlekeng tse hole,tse eso utlwe botumo ba ka,tse eso bone le yona tlotla ya ka;ba tla phatlalatsatlotla ya ka hara ditjhaba.
20. Ba tla tlisa bana babo lona bohle,ba ba tlise ba etswa ditjhabeng,ba ba tlise ho Morena e le nyehelo,ba ba tlise ba palame dipere,le kariki tsa ntwa le makoloi,ba ba tliseba palame dimmeile le dikamele,ba ba tlise Jerusalema,thabeng ya ka e halalelang,”ho rialo Morena.“Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele,ba tlisa nyehelo,ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena,ba e tlisae le ka janeng se hlwekileng.
21. Ba bang ba bonake tla ba etsa baprista,ke ba etse Balevi,”ho rialo Morena.
22. “Jwalokaha mahodimo a matjhale lefatshe le letjha,e leng dintho tseo ke tla di bopa,di tla ba kapele ho nna kamehla,”ho rialo Morena,“ditloholo tsa onadi tla hlola jwalo,le lona lebitso la lonale hlole jwalo.”