11. Matsweleng a yonale tla anya le kgotsofale,le tshedisehe, le mokonye haholo,le thabele ho sisa ha yona.”
12. Morena o bua tjena:“Ke tla e tlisetsa kgotsosa noka e tletseng,ke e tlisetse maruo a ditjhabasa nokana e tletse tswete!E tla le anyesa,e le sike ka matsoho a yona,lona le bapalle mangweleng a yona.
13. Jwalokaha mosadia bobisa ngwana wa hae,le nna ke tla le tshedisa jwalo,ke le tshedise le le Jerusalema.”
14. Ha le bona tsenapelo tsa lona di tla nyakalla,le tlokome jwaloka jwangha bo tlokoma.Bahlanka ba Morenaba tla tseba matla a hae,dira tsa hae tsonadi bone kgalefo ya hae.
15. Bonang,Morena o tla a le hara mollo,kariki tsa hae tsa ntwadi ka setsokotsane,kgalefo ya hae e tlokomango e dihela ka mabifi,malakabe a molloke yona kgalemo ya hae.
16. Morena o tla ahlola bohleka mollo le ka sabole,bao a tla ba bolayae tla ba boiyane.
17. “Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang,ba itlhwekisetsaho kgumamela medingwana,ho e kgumamela masimong,ba emeng kamora sefatese bohareng ba tshimo,ba jang nama ya dikolobele ya ditweba, le tse manyala,bana ba tla timetswa kaofela,”ho rialo Morena.
18. “Ke tseba diketso tsa bonale mehopolo ya bona;nako e tla fihla,ke kgobokanye ditjhaba,le ba dipuo tsohle,bohle ba tla tlaba bohe tlotla ya ka.
19. “Ke tla etsa pontsho hara bona,ba phonyohilengke ba romele ditjhabengtsa Tarshishe, le Pule, le Lode,e leng tsona tse tummengka ho fula ka metsu.Ke tla ba romela Tubale le Jafane,le dihlekehlekeng tse hole,tse eso utlwe botumo ba ka,tse eso bone le yona tlotla ya ka;ba tla phatlalatsatlotla ya ka hara ditjhaba.
20. Ba tla tlisa bana babo lona bohle,ba ba tlise ba etswa ditjhabeng,ba ba tlise ho Morena e le nyehelo,ba ba tlise ba palame dipere,le kariki tsa ntwa le makoloi,ba ba tliseba palame dimmeile le dikamele,ba ba tlise Jerusalema,thabeng ya ka e halalelang,”ho rialo Morena.“Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele,ba tlisa nyehelo,ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena,ba e tlisae le ka janeng se hlwekileng.
21. Ba bang ba bonake tla ba etsa baprista,ke ba etse Balevi,”ho rialo Morena.
22. “Jwalokaha mahodimo a matjhale lefatshe le letjha,e leng dintho tseo ke tla di bopa,di tla ba kapele ho nna kamehla,”ho rialo Morena,“ditloholo tsa onadi tla hlola jwalo,le lona lebitso la lonale hlole jwalo.”
23. Morena o re:“Batho bohle ba tla nkgumamela,ba nkgumaleleha kgwedi ka nngwe e thwasa;ba nkgumameleka Sabatha se seng le se seng.
24. Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo,topo tsa ba ileng ba ntshitelwa;boko tse ba jangha di ka ke tsa eshwa,mollo o ba tjhesangha o ka ke wa tima,mme batho bohleba tla ba nyonya.”