Esaya 66:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena o bua tjena:“Lehodimo ke terone ya ka,lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka.E kae ntlo eo ba nkgahelang yona?Se kae sebakaseo ke tla phomola ho sona?

2. Ntho tsena tsohle di entswe ke nna,ka di etsa, mme jwale di teng,”ho rialo Morena.“Ya tjena ke yena eo ke mo ratang:Ya ikokobeditseng,ya moya o robehileng,ya thothomelangha a utlwa lentswe la ka.

3. Empa ya etsang mahlabelo ka poho,o tshwana le mmolai wa motho;ya etsang nyehelo ka konyana,o tshwana le ya robang ntja molala;ya etsang nyehelo ka dijo,o tshwana le ya nyehelangka madi a kolobe;ya tjhesang mokubetsoho etsa kgopotso,o tshwana le ya kgumamelangmodimo wa bohata.E, ba ikgethetse tsela tsa bona,meya ya bonae thabela manyala a bona.

4. Le nna ke tla ba otlaka kotlo e bohloko,ke ba tlisetse sonaseo ba se tshabang.Ha ke ne ke bitsa,ha ho ya kila arabela,ha ke ne ke bua,ha ba a ka ba mamela.Ba entse bobemoo ke ntseng ke ba shebile,ba ikgethela dinthotse sa nthabiseng.”

5. Lona ba thothomelangha Morena a bua,mamelang dipolelo tsa hae:“Bana babo lona ba le hloileng,ba le kgesangka baka la lebitso la ka, ba re:<Morena ha a ke a tlotliswe,re bone thabo ya lona!>Empa bonaba tla hlajwa ke dihlong.

6. Utlwang morusuo tswang kahara motse!Utlwang leratale tswang ka Tempeleng!Ke modumo o tswang ho Morena,o putsa dira tsa haeho ya ka mesebetsi ya tsona.

7. “Mosadi o belehilea eso utlwe mahlaba a pelehi,a beleha mora, mahlaba a pelehia eso mo fihlele.

8. Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang?Ya kila bona ntho tse tjee ke mang?Na fatshe le ka boptjwaka tsatsi le le leng,kapa sona setjhabasa tswalwa ka motsotswana?Eitse ha Sione e utlwamahlaba a pelehi,yaba e belehabana ba yona hanghang.

9. Na nka fihlisa mosadikgatheng la ho beleha,yaba ke thibelaho tswalwa ha ngwana wa hae?”ho rialo Morena.“Na ke ye ke kwalepopelo ya mosadi,ke e kwale ka nako ya pelehi?”ho rialo Modimo wa hao.

10. “Lona bohle ba ratang Jerusalema,thabang le nyakalle mmoho le yona;lona bohle ba e llelang,thabang haholo mmoho le yona.

11. Matsweleng a yonale tla anya le kgotsofale,le tshedisehe, le mokonye haholo,le thabele ho sisa ha yona.”

12. Morena o bua tjena:“Ke tla e tlisetsa kgotsosa noka e tletseng,ke e tlisetse maruo a ditjhabasa nokana e tletse tswete!E tla le anyesa,e le sike ka matsoho a yona,lona le bapalle mangweleng a yona.

13. Jwalokaha mosadia bobisa ngwana wa hae,le nna ke tla le tshedisa jwalo,ke le tshedise le le Jerusalema.”

14. Ha le bona tsenapelo tsa lona di tla nyakalla,le tlokome jwaloka jwangha bo tlokoma.Bahlanka ba Morenaba tla tseba matla a hae,dira tsa hae tsonadi bone kgalefo ya hae.

Esaya 66