4. Ke tjhaba se itulelang hara mabitla,se qetang masiuse entse tebelo ya sephiri;se itjellang le nama ya dikolobe,seo pitsa tsa sonadi nang le moro wa tse manyala.
5. Ke tjhaba se reng:<Emella thokwana,o se atamele ho rona,hobane rona re halalela haholo,re halalela ho o feta!>Batho ba jwaloba nkga sa mosi nkong tsa ka,ba ka molloo qetang tsatsi lohle o tuka.
6. “Tsohle di se di ngotswe,di kapele ho nna,ha nka ke ka kgutla,ke busetsa molamu sefateng,ke o busetsa sefatengka sefutho se le seholo,
7. ka baka la dibe tsa lonale tsa baholoholo ba lona,”ho rialo Morena.“Ba ne ba tjhesetse mokubetsohodima dithaba,ba nnyefolaha ba le hodima maralla,ka baka leo,ke tla ba lekanyetsa moputso,ketso tsa bona tsa peleke di putse ka ho tlala.”
8. Morena o bua tjena:“Ha morara o lesihlengo sa na le lero,batho ba ye ba re:<Le se ke la o lahla,hobane o sa na le molemo.>Ka baka la bahlanka ba kale nna ke tla etsa jwalo,ha nka ke ka ba timetsa,ka ba timetsa bohlebohle.
9. Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo,tsa Juda tsona e be majalefa,majalefa a thaba tsa ka;thaba tseo e tla ba lefala bakgethwa ba ka,mme bahlanka ba kaba tla aha ho tsona.