17. “Bonang,ke bopa mahodimo a matjhale fatshe le letjha,dintho tsa kgaleha di sa tla hopolwa,ha di ka ke tsa hloladi sa nahanwa.
18. Lona thabang, le nyakalle kamehla,le nyakallele tseo ke di bopang.Ke tla bopa Jerusalemae nyakaletseng,baahi ba yonae be ba tletseng thabo.
19. Ke tla nyakallela Jerusalema,tjhaba sa ka le sona ke se thabele.Ha ho sa tla utlwahaladillo Jerusalema,leha e le mehoo ya ba ditsietsing.
20. “Ha ho sa tla ba ngwanaya shwang e le lesea,ha ho motho ya sa tlo qetalemo tsa hae tsa pallo,ya shwanglemo tsa hae di le lekgoloho tla thwe o shwelee sa le mohlankana;ya sa qetenglemo tse lekgolo a phela,yena ke moetsadibe, o rohakehile.
21. Ba tla haha matlo,mme ba phele ho wona;ba tla lema morara,ba je tholwana tsa wona.
22. Ha ba sa tla haha matlo,ebe ho wona ho phela basele;ha ba sa tla hlola ba lema,ebe jwale ho ja basele;tjhaba sa ka se tla phela halelele,se phele halelelejwalokaha sefate se phela,bakgethwa ba ka ba je ditholwana.ba je tholwana tsa matsoho a bona.
23. Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea,kapa ba tswalla bana ba bona,ba ba tswalla ditsietsi,ke peo ya ba hlohonolofaditsweng,ba hlohonolofaditsweng ke Morena,bona mmoho le ditloholo tsa bona.
24. Ke tla arabelaba eso ka ba ipiletsa,ke be ke ba utlwee le hona ba ntseng ba rapela.
25. Phiri le konyanadi tla fula di le mmoho,tau e je jwangjwalokaha pohwana e bo ja,sehahabi sona se pheleka ho ja lehlabathe.Ha di ka ke tsa ntsha kotsileha e le ho bolaya,hohlehohle thabeng ya ka,thabeng e halalelang,”ho rialo Morena.