14. Bahlanka ba ka ba tla bina,ba bine hobane pelo di nyakaletse;empa lona le tla lla,le lliswe ke pelo tse bohloko,le bokollisweke ho tubeha ha meya ya lona.
15. Le tla siela bakgethwa ba kabitso la lona,bona ba tla le sebedisaha ba etsa thohako;lona, Morena Modimoo tla le bolaya,bahlanka ba haea ba bitse ka lebitso lesele.
16. Ya kopang tlhohonolofatsomona lefatsheng,o tla kopa ho hlohonolofatswake Modimo wa nnete;ya hlapanyang mona lefatsheng,o tla hlapanyaka Modimo wa nnete,hobane tsietsi tsa peledi tla be di lebetswe,le mahlong a kadi se di patehile.”
17. “Bonang,ke bopa mahodimo a matjhale fatshe le letjha,dintho tsa kgaleha di sa tla hopolwa,ha di ka ke tsa hloladi sa nahanwa.
18. Lona thabang, le nyakalle kamehla,le nyakallele tseo ke di bopang.Ke tla bopa Jerusalemae nyakaletseng,baahi ba yonae be ba tletseng thabo.
19. Ke tla nyakallela Jerusalema,tjhaba sa ka le sona ke se thabele.Ha ho sa tla utlwahaladillo Jerusalema,leha e le mehoo ya ba ditsietsing.
20. “Ha ho sa tla ba ngwanaya shwang e le lesea,ha ho motho ya sa tlo qetalemo tsa hae tsa pallo,ya shwanglemo tsa hae di le lekgoloho tla thwe o shwelee sa le mohlankana;ya sa qetenglemo tse lekgolo a phela,yena ke moetsadibe, o rohakehile.