8. Leha ho le jwalo, Morena,wena o ntata rona;rona re letsopa, wena o sebopi,bohle re mosebetsiwa matsoho a hao.
9. Oho, Morena, se ke wa halefa,wa halefa ho feta tekanyo;se hopole dibe tsa rona,wa di hopola kamehla yohle.Ako hopole hore re tjhaba sa hao.
10. Metse e halalelang ha haoe fetohile lehwatata,Sione ke lehwatata,Jerusalema ke nanaola.
11. Tempele e halalelang,e tlotlehang ya rona,moo o neng o rorisetswa teng,o roriswa ke baholoholo ba rona,e tjhesitswe ka mollo, ya re lore!Tsohle tsa bohlokwadi fetohile masupi.
12. Na tse etsahetseng tseeha di o ame?Na ha o na ho etsa letho, Morena?Na o tla fela o kgutse,o re otle ho feta tekanyo?