2. Ke hobaneng ha aparo tsa haodi le kgubedu,e ka tsa ya tlabikelangtlhotlelo sa veine?
3. “Ke tlabiketse tlhotlelo sa veineke le inotshi,hara baditjhabaha ho ya kileng a ba le nna.Ke ile ka ba hatakela ke halefile,ka ba tlabikelake loloma ke kgalefo;madi a bonaa qaphaletsa aparo tsa ka,kobo tsohle tsa katsa silafatswa ke madi ao.
4. Ke hopotse tsatsileo ke tla iphetetsa ka lona,lemo sa topollo le sonase se se fihlile.
5. Ka qamaka kahohle,empa ka hloka mothusi,ka makala haholoha ke bona ho se motshehetsi;yaba tsa pholohoke di sebetsa ka letsoho la ka,kgalefo ya kaya eba yona motshehetsi wa ka.
6. Ke ile ka hatakela ditjhabake halefile,ka di tsherehanyake loloma ke kgalefo,madi a tsona ka a tshollela fatshe.”
7. Ke tla bolelatsa rato la Morena le sa feleng,le ketsotseo a lokelang ho di rorisetswa,ho ya ka tsohletseo a re etseditseng tsona,melemo e meholoho ba ntlo ya Iseraele,eo a ba abetseng yonaho ya ka mehauhelo ya hae,le ho ya ka ketso tsa haetsa lerato, tse ngata.
8. “Ruri ke tjhaba sa ka,”ho rialo Morena,“bana ba kaba ke keng ba bua leshano;”kahoo ya eba yena Mopholosi,Mopholosi wa bona,
9. matshwenyeho wohle a bonale yena a mo tshwenya.Hase lengeloi le ba pholositseng,ba pholositswe ke Morena ka seqo,ka lerato le ka mohau wa haea ba lopolla;ho tloha kgale a ba nka,a ba a ba jara.
10. Empa ba fetohela Morena,Moya o Halalelang ba o swabisa,ka baka leo,yena a fetoha sera sa bona,a ba lwantsha e le yena ka seqo;
11. ke ha ba hopola matsatsi a fetileng,ba hopola Moshe le tjhaba sa habo,ba re: “O kaeya neng a tshedise modisa,a mo tshedisale mohlape wa hae lewatleng?O kae ya neng a theoleMoya o Halalelang wa hae,a o theolela hodima Moshe?
12. O kae ya neng a tataisetsoho le letona la Moshe,a le tataisaka tsoho le tlotlehang la hae;ya neng a arohanye metsikapele ho bona,a etsa hore bitso la haele tume kamehla yohle?
13. O kae ya neng a ba tshedise,a ba tshedisa hara madiba?”Jwaloka pere e sa kgoptjwenghara lehwatata,le bona ha ba tshelaha ba a ka ba kgoptjwa.