Esaya 63:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Eo ya tswang Edomoekaba ke mang,ya tswang Boseraaparo tsa hae di le kgubedu?Eo ya apereng tse ntlentleekaba ke mang,ya hwantangka bonatla bo boholo ba hae?“Ke nna ya buang ka tsa ho loka,ke nna ya nang le matla,matla a ho pholosa!”

2. Ke hobaneng ha aparo tsa haodi le kgubedu,e ka tsa ya tlabikelangtlhotlelo sa veine?

3. “Ke tlabiketse tlhotlelo sa veineke le inotshi,hara baditjhabaha ho ya kileng a ba le nna.Ke ile ka ba hatakela ke halefile,ka ba tlabikelake loloma ke kgalefo;madi a bonaa qaphaletsa aparo tsa ka,kobo tsohle tsa katsa silafatswa ke madi ao.

4. Ke hopotse tsatsileo ke tla iphetetsa ka lona,lemo sa topollo le sonase se se fihlile.

5. Ka qamaka kahohle,empa ka hloka mothusi,ka makala haholoha ke bona ho se motshehetsi;yaba tsa pholohoke di sebetsa ka letsoho la ka,kgalefo ya kaya eba yona motshehetsi wa ka.

6. Ke ile ka hatakela ditjhabake halefile,ka di tsherehanyake loloma ke kgalefo,madi a tsona ka a tshollela fatshe.”

7. Ke tla bolelatsa rato la Morena le sa feleng,le ketsotseo a lokelang ho di rorisetswa,ho ya ka tsohletseo a re etseditseng tsona,melemo e meholoho ba ntlo ya Iseraele,eo a ba abetseng yonaho ya ka mehauhelo ya hae,le ho ya ka ketso tsa haetsa lerato, tse ngata.

Esaya 63