Esaya 61:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Baditjhaba ba tla le sebeletsa,ba be ba dise le mehlape ya lona,melata e le lemele masimo,e le hlomele le morara wa lona.

6. Lona le tla bitswabaprista ba Morena,le bitswebasebeletsi ba Modimo wa rona.Maruo a baditjhabaa tla jewa ke lona,le ithorise ka tlotla ya bona.

7. Kaha dihlong tsa lonadi phetahane habedi,ho songwa le mahlapae bile kabelo ya lona,leruo la naha ya lonale tla eketseha habedi,thabo ya lonae be ya kamehla le mehla.

8. “Nna Morena, ke rata toka,bolotsana le bokgopoke di hloile;ke tla tshepahala,ke ba nee moputso wa bona,ke etse selekanesa kamehla yohle le bona.

9. Moloko wa bonao tla tsejwa ke baditjhaba,ditloholo tsa bonadi tsejwe hara matjhaba;bohle ba di bonangba tla di tseba,ba di tsebe e le moloko,moloko o hlohonolofaditsweng,wa hlohonolofatswa ke Morena.”

10. Ke tla thabela Morenaka pelo ya ka yohle,moya wa kao thabele Modimo wa ka haholo,hobane o nkapesitse koboya ho pholoswa,a nkwahela ka seaparo sa ho loka,jwalokaha monyadia ikgabisa ka moqhaka,a ikgabisajwaloka moprista a ikgabisa,monyaduwa a tlatlapelamabenyane a hae.

11. Jwalokaha mobuo medisa dimela tsa wona,tshimo le yona e medisadijalo tsa yona,Morena Modimo o tla medisaho loka le ho rorisa,tsena a di medisemoo matjhaba wohle a di bonang.

Esaya 61