Esaya 61:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Moya wa Morena Modimoo hodima ka,hobane o ntlotseditseho bolella mafutsana,molaetsa o molemo.O nthometse ho thoba pelotsa ba swabileng,ho phatlalletsa bathopuwatsa tokoloho,le hore ba tjhankanengba tla lokollwa;

2. ho phatlalatsa selemo sa Morena,lemo sa mehauhelo,le letsatsi la phetetsoya Morena wa rona,le ho tshedisa bohleba leng bofifing;

3. ho nea ba Sione ba leng bofifingmoqhaka o kgabanebakeng sa molora,ole ya thabobakeng sa bofifi,seaparo sa thorisobakeng sa maswabi,ba tle ba bitswe fate tsa ho loka,tse lenngweng ke Morenahore a tle a tlotliswe.

4. Ba tla tsosa masupi a kgale,ba ntjhafatse thako tsa boholoholo;ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe,dithako tsa meloko e mengatangata.

5. Baditjhaba ba tla le sebeletsa,ba be ba dise le mehlape ya lona,melata e le lemele masimo,e le hlomele le morara wa lona.

6. Lona le tla bitswabaprista ba Morena,le bitswebasebeletsi ba Modimo wa rona.Maruo a baditjhabaa tla jewa ke lona,le ithorise ka tlotla ya bona.

7. Kaha dihlong tsa lonadi phetahane habedi,ho songwa le mahlapae bile kabelo ya lona,leruo la naha ya lonale tla eketseha habedi,thabo ya lonae be ya kamehla le mehla.

Esaya 61