Esaya 60:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. “Boiyane ba dikamelebo tla putukana ho wena,mekoloko ya dikamelee tswang Midiane le Efa;Basheba bohleba tla tlisa kgauta le mokubetso,ba bine thoko tsa Morena,ba mo tumise.

7. Mehlape yohle ya Kedaree tla phuthwa, e tliswe ho wena,dipheleu tsa Nabajotadi tla o sebeletsa, di etswe nyeheloe amohelehang aletareng ya ka,ebe Tempele ya kake e tlotlisa haholo.

8. “Baa ba pakaselangjwaloka leru ke bafe?Baa ba kang maebaa fofela dihlaheng tsa wona?

9. Ke dikepe tse bokanang mabopong,mabopong a dihlekehleke,dikepe tseo batsamaisi ba tsonaba ntebeletseng,dikepe tsa Tarashishedi di eteletse pele,di tlisa bara ba haoba tswang holehole,ba tlang ba kakatetsesilefera le kgauta ya bona,ho tla tlotlisa Morena,Modimo wa hao,e leng Ya Halalelang wa Iseraele,hoba ke yena ya o tlotlisitseng.

10. “Baditjhababa tla tsosa marako a hao,dikgosi tsa bona di o sebeletse;le hoja ha ke halefileke ile ka o otla,empa ka baka la lereko la kake o hauhetse.

11. Kgoro tsa haodi tla dula di ntse di butswe,ha di ka ke tsa kwalwamotsheare le bosiu,batho ba o tlisetse maruo,maruo a baditjhaba,dikgosi tsa bonadi tla di entse mokoloko.

Esaya 60