Esaya 60:10-15 BIBELE (SSO89SO)

10. “Baditjhababa tla tsosa marako a hao,dikgosi tsa bona di o sebeletse;le hoja ha ke halefileke ile ka o otla,empa ka baka la lereko la kake o hauhetse.

11. Kgoro tsa haodi tla dula di ntse di butswe,ha di ka ke tsa kwalwamotsheare le bosiu,batho ba o tlisetse maruo,maruo a baditjhaba,dikgosi tsa bonadi tla di entse mokoloko.

12. Tjhaba sa mmusoo ke keng wa o sebeletsa,se tla timela,e, tjhaba seose tla fela se timelle ruri.

13. “Tlotla ya Lebanonee tla tliswa ho wena:Difate tsa modutu le tsa phaene,le tsa kiperese,tsena di tla tliswaho kgabisa sehalalelo sa ka,mme ke tla tlotlisa Tempeleeo ke ahileng ho yona.

14. Bara ba bahatelli ba haoba tla o obamela,bohle ba neng ba o nyedisaba koqame maotong a hao,ebe ba o bitsa Motse wa Morena,Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.

15. “Le hoja o no furaletswe,o bile o hloilwe,ho se na motho ya keng a o tjhakele,ke tla o etsa ya kgabanekamehla yohle,ya tla thabisae mengatangata meloko.

Esaya 60