Esaya 59:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. Bolepo ba bonabo ke ke ba fetoha diaparo,ba ke ke ba ikapesaka tseo ba di etsang.Mesebetsi ya bonake mesebetsi e kgopo,ka ketso tsa bonaba tsosa moferefere.

7. Maoto a bonaa ba mathisetsa sebeng,a bobebe ho tsholla madia se nang molato,menahano ya bonake menahano e kgopo,mehlaleng ya bonake mophula wa tshenyo,le wa timetso.

8. Tsela e isang kgotsongha ba e tsebe,mehlaleng ya bonatoka ha e fumanwe.Tsela tsa bonake tse matswedintsweke,ya tsamayang ho tsonaa ke ke a fumana kgotso.

9. Ka baka leo, toka e hole le rona,le ho loka ha ho fihle ho rona.Re batla lesedi,empa re bona lefifi,re batla kganya,empa re tsamaya lefifing.

10. Re phopholetsa mabotajwaloka batho ba difofu,re phopholetsa tselajwalokaha eka ha re na mahlo,re kgothometsehahara motsheare wa lengetajwalokaha eka ke ka shwalane;hara ba phelangrona re jwaloka bafu.

11. Bohle re puruma jwaloka dibere,re lla habohloko jwaloka maeba.Re batla toka,empa ha re e fumane,re batla topollo,empa e holehole le rona.

Esaya 59