17. Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae,hloohong a rwalakatiba ya tshepe ya pholoho;a apara diaparo tsa boiphetetso,tjheseho ya eba yona kobo ya hae.
18. O tla ba putsaho ya ka diketso tsa bona,a halefele dira tsa haea be a di otle,ba dihlekehlekenga ba nee moputso wa bona.
19. Bitso la Morena le tla tshajwa,le tshajwe ho tloha bophirimela,tlotla ya hae e tshajwe,e tshajwe ho tloha botjhabela.Ha sera se futuha jwaloka sekgohola,Moya wa Morenao tla se lelekela hole.
20. “Mopholosi o tla tla Sione,a tle ho ba Jakoboba bakelang dibe tsa bona,”ho rialo Morena.
21. “Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.