12. Re ditshito di ngata mahlong a hao,re ahlolwa ke bopakiba dibe tsa rona.Ditshito tsa ronadi re maname kamehla,bokgopo ba ronare bo tseba hantle:
13. Ke ho sitelwa Morenale ho bua leshano,ke ho furalla Modimo wa rona,ho kgothaletsa bohatellile bofetohedi,ho nahana leshanole ho le bua ka pelong tsa rona.
14. Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao,ho loka ho emeletse hole le rona;diterateng nnete ha e sa le yo,botshepehi le bonaha bo sa fumanwa.
15. E, nnete e fela e lahlehile,ya furallang bokgopoo etswa hampe.Tsena tsohle Morena a di bona,a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.
16. Morena a bona hore ha ho na motho,a makala ha a bonaho se ya kenang dipakeng;ka matla a hae a hlola dira tsa hae,ho loka ha hae ha mo tshehetsa.
17. Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae,hloohong a rwalakatiba ya tshepe ya pholoho;a apara diaparo tsa boiphetetso,tjheseho ya eba yona kobo ya hae.