1. Tsoho la Morenaha le lekgutshwanyane,hoo a ke keng a pholosa;tsebe ya hae ha e a thibanahoo a ke keng a utlwa.
2. Empa makgopo a lonaa le arohantse le Modimo wa lona,dibe tsa lonadi patile fahleho sa hae,e le hore a se ke a le utlwa.
3. Matsoho a lonaa kganathetse madi,menwana ya lonae silafaditswe ke bokgopo.Le buile leshanoka melomo ya lona,maleme a lona a buile tse kgopo.
4. Ha ho le ya mong ya batlang toka,ha ho le ya mongya buang nnete dinyeweng;ba tshepa dikgang tsa mafeela,ba bua leshano;mehopolo ya bona e mebe,mme e tswala bokgopo.
5. Ba qhotsisa mahe a marabe,ba lohe dikgweletse kang tsa bolepo ba sekgo;ya jang mahe a marabe o a shwa,ha le leng le pshatlwa,ho tswa marabe.
6. Bolepo ba bonabo ke ke ba fetoha diaparo,ba ke ke ba ikapesaka tseo ba di etsang.Mesebetsi ya bonake mesebetsi e kgopo,ka ketso tsa bonaba tsosa moferefere.
7. Maoto a bonaa ba mathisetsa sebeng,a bobebe ho tsholla madia se nang molato,menahano ya bonake menahano e kgopo,mehlaleng ya bonake mophula wa tshenyo,le wa timetso.