Esaya 57:13-21 BIBELE (SSO89SO)

13. Ha le ipiletsa, le batla thuso,ereng medingwana ya lonae mengata e le thuse!Kaofela ha yona moya o tla e fefola,moyana o fokolang o e pheule.Empa ya nketsang setshabelo sa hae,fatshe la pallo e tla ba lefa la hae,a rue thaba ya ka e halalelang.”

14. Lentswe le tla re:“Katang, katang,le batalatse mmila!Tlosang se kgopangtseleng ya tjhaba sa ka!”

15. Ya phahameng, ya hodimodimo,yena ya phelang kamehla yohle,eo lebitso la hae le halalelang, o re:“Ke phela bakeng se phahameng,bakeng se halalelang,ya robehileng moya,ke phela le yena,le ya ikokobeditsengke phela le yena,ke kgothatsa ya ikokobetsang,ke kgothatsa ya robehileng moya.

16. Ha ke na ho qosa kamehla yohle,kapa hona ho halefa kamehla,ho seng jwaloba kapele ho nna ba ka tepella,e leng batho bao ke ba bopileng.

17. Ka baka la sebe sa bonake ile ka ba halefela,ka ba otla,ka ba patela fahleho sa ka ke halefile;empa ba nna ba tswela pelemekgweng ya bona e kgopo.

18. Tsela tsa bona ke di bone,ke tla ba phekola;ke ba tsamaise,ke tshedise ba llang,

19. ke etse horemaleme a bona a bine dithoko:<Kgotso, kgotsoho ba hole le ba haufi!>Ke tla ba fodisa,”ho riala Morena.

20. Ba kgopoba tshwana le lewatle le tuduana,le tuduana le se na kgotso,maqhubu a lona a akgela seretsele ditshila lebopong.

21. “Kgotso ha e yo ho ba kgopo,”ho rialo Modimo wa ka.

Esaya 57