Esaya 57:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. “Eo le mo tshohang ke mang,eo le mo tshabang hakaale, ke mang,hoo le ilengla ntlhokela botshepehi,la ba la sitwa le ho nkgopola,kapa hona ho nnahanaka pelong tsa lona?Na hase hobanee le kgale ke kgutsitse,ha e le moo le se le sa ntshabe?

12. Ke tla pepesa mesebetsi ya lona,mesebetsi eo lona le reng e lokile;empa ha e ka keya le tswela molemo.

13. Ha le ipiletsa, le batla thuso,ereng medingwana ya lonae mengata e le thuse!Kaofela ha yona moya o tla e fefola,moyana o fokolang o e pheule.Empa ya nketsang setshabelo sa hae,fatshe la pallo e tla ba lefa la hae,a rue thaba ya ka e halalelang.”

14. Lentswe le tla re:“Katang, katang,le batalatse mmila!Tlosang se kgopangtseleng ya tjhaba sa ka!”

15. Ya phahameng, ya hodimodimo,yena ya phelang kamehla yohle,eo lebitso la hae le halalelang, o re:“Ke phela bakeng se phahameng,bakeng se halalelang,ya robehileng moya,ke phela le yena,le ya ikokobeditsengke phela le yena,ke kgothatsa ya ikokobetsang,ke kgothatsa ya robehileng moya.

16. Ha ke na ho qosa kamehla yohle,kapa hona ho halefa kamehla,ho seng jwaloba kapele ho nna ba ka tepella,e leng batho bao ke ba bopileng.

Esaya 57