1. Batho ba lokileng ba a timela,ha ho le ya mongya keng a nahane hona;ba nang le tumelole bona ba a fediswa,ha ho ya utlwisisang hona:Ba lokilengba balehisetswa bobe bo tlang.
2. Ba hlokang kodiba tla itjhwella ka kgotso,ba iphomolele hamonatelefung la bona.
3. “Lona bana ba baloiatamelang mona,le lona bana ba difebe,le lona ba diotswa!
4. Eo le mo somang ke mang?Eo le mo nyekoletsang melomo,maleme a leketlile, ke mang?Na hase lonabana ba mahlabaphiyo,lona bana ba batho ba leshano?
5. Le sebeletsa medimo ya bohataka ho etsa bohlola,le bo etsale le tlasa difate tse talana,ka dikgohlong le ka mahahengle etsa mahlabelo a setjhesoka bana ba lona.
6. Majwe a boreledi, a dinokana,ke yona medimo ya lona,e, efela e le yona kabelo ya lona.Medingwana enale e etsetsa nyehelo ya dino,le bile le e etsetsale nyehelo ya dijo.Ebe na tse tjee di ka nthabisa?
7. Mealo ya lonae hodima thaba tse phahameng,thabeng tse hodimo,ke moo le nyolohelang tengho ya etsa mahlabelo.
8. Kamora mamatile dikosene tsa lona,ke moo le entseng meupello,la mphuralla,la apola bofeela ba lona,la kena diphateng,la ithabisa ka ho etsa bohlola,la iketsetsa setswallele bao le ba ratang,la ba la tadima bofeela ba bona.
9. La itlotsa ka olee nang le menkwane,la ba la ya ho kgosi,la romela maqosa a lonanaheng tse hole,la ba la a romela Nqalong ya Bafu.
10. Maeto a lona a malelelea le baketse mokgathala,empa la sitwa le ho re:<Ha ho na thuso!>Le nnile la fumana mekgwaya ho imatlafatsa,kahoo ha le a ka la kgathala.
11. “Eo le mo tshohang ke mang,eo le mo tshabang hakaale, ke mang,hoo le ilengla ntlhokela botshepehi,la ba la sitwa le ho nkgopola,kapa hona ho nnahanaka pelong tsa lona?Na hase hobanee le kgale ke kgutsitse,ha e le moo le se le sa ntshabe?