3. “Se dumelle moditjhabaya ikabetseng Morena hore a re:<Morena o tla nkgethollatjhabeng sa hae ho hang!>Se dumelle lehaoleho ipelaetsa, le re:<Nna ke sefate se omeletseng!> ”
4. Morena o bua tjena ho mahaole:“Mahaole a bolokangDisabatha tsa ka,a ikgethelang tse nthabisang,a kgomarelang selekane sa ka,
5. kahara tempele ya ka,kahara marako a yona,ke tla a etsetsa kgopotso,ke a ree lebitso, bitso le fetangla ba nang le bara le baradi,ke tla a rea lebitso la kamehla yohle,bitso le ke keng la hlola le fediswa.
6. “Haele baditjhababa ikabetseng Morena,ba ikabetseng ho mo sebeletsa,le hona ho rata bitso la hae,bao e leng bahlanka ba hae,ba bolokang Sabatha,ba se boloka ba sa se silafatse,ba kgomaretseng selekane sa ka;
7. bona ke tla ba tlisathabeng ya ka e halalelang,ke ba thabiseka tlung ya ka ya thapelo.Nyehelo tsa bona tsa setjhesole mahlabelo a bona,tsena ke tla di amohelaaletareng ya ka,hobane ntlo ya kae tla bitswa ntlo ya thapelo,e bitswe ntlo ya thapeloya ditjhaba tsohle.”
8. Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena:“Ke sa tla boelake mo kgutlisetsa ba bang,ntle ho baoke seng ke ba kgutlisitse.”
9. “Lona batana tsohle tsa nahatloong, le harole,lona dibatana tsohle tsa meru.