Esaya 54:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. O tla namela ka ho le letonale ka ho le letshehadi,ditloholo tsa haodi tla hapa naha tsa baditjhaba,di ahe metsengeo e seng e le masupi.

4. “O se ke wa tshaba,o ke ke wa hlajwa ke dihlong,se tshabe ho tlontloloha,o ke ke wa nyenyefatswa.O tla lebala dihlongtsa botjha ba hao,ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao,ha o sa tla hlola o ho hopola.

5. Mmopi wa haoke yena monna wa hao,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae;Ya Halalelang wa Iseraeleke yena Molopolli wa hao,o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6. “Morena o o bitsitsesa mosadi ya lahlilweng,a o bitsasa mosadi ya hlomohileng,ya nyetsweng a sa le monyenyanea ba a lahlwa,”ho rialo Modimo wa hao.

7. “Ke ile ka o furallaka motsotswana feela,empa ka baka la kutlwelobohlokoke tla o kgutlisa.

8. “Ka baka la kgalefo ya kake ile ka o furalla,ka o patela fahleho sa kaka motsotswana;empa kahobane ke o rata,ke tla o utlwela bohlokokamehla yohle,”ho rialo Morena, Molopolli wa hao.

9. “Ho nna tsena di tshwanale tsa mehleng ya Nowe,ha ke ne ke hlapanya ke re:Morallo o ke ke wa eba teng hape;kahoo ke hlapanya horenke ke ka hlola ke o halefela,nke ke ka hlola ke o kgalema.

Esaya 54