5. Ho loka ha ka ho se ho atametse,ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng,toka e tla tlisetswa ditjhabake letsoho la ka.Ba dihlekehlekengba tla ntebella ka tjheseho,ba lebelle ka tshepoho sireletswa ke tsoho la ka.
6. Lelatsang mahlole tadime mahodimong,le be le tadime le tlase, lefatsheng;mahodimo a tla nyamelasa mosi ha o nyamela,lefatshe le tsofale jwaloka seaparo,baahi ba lona ba shwejwaloka dintsintsi.Empa ho pholosa ha kake ha kamehla yohle,le ho loka ha kaha ho ka ke ha fediswa.
7. “Lona ba tsebang se lokileng,mamelang!Lona tjhaba se tsebang molao wa ka,tjhaba seo molao wa kao leng ka pelong tsa sona:Le se ke la tshabaha batho ba le nyefola,kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.
8. Tshwele e tla ba jasa ha e eja seaparo,seboko se ba jejwalokaha se eja boya.Empa ho loka ha kaho tla hlola kamehla yohle,ho pholosa ha kae be ha meloko yohle.”