Esaya 51:4-18 BIBELE (SSO89SO)

4. “Lona batho ba ka,a le ke le mamele!Lona tjhaba sa kantshekeheleng tsebe!Molao o le tsamaisango tla tswa ho nna,kahlolo ya kae be sedi le bonesetsang ditjhaba.

5. Ho loka ha ka ho se ho atametse,ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng,toka e tla tlisetswa ditjhabake letsoho la ka.Ba dihlekehlekengba tla ntebella ka tjheseho,ba lebelle ka tshepoho sireletswa ke tsoho la ka.

6. Lelatsang mahlole tadime mahodimong,le be le tadime le tlase, lefatsheng;mahodimo a tla nyamelasa mosi ha o nyamela,lefatshe le tsofale jwaloka seaparo,baahi ba lona ba shwejwaloka dintsintsi.Empa ho pholosa ha kake ha kamehla yohle,le ho loka ha kaha ho ka ke ha fediswa.

7. “Lona ba tsebang se lokileng,mamelang!Lona tjhaba se tsebang molao wa ka,tjhaba seo molao wa kao leng ka pelong tsa sona:Le se ke la tshabaha batho ba le nyefola,kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.

8. Tshwele e tla ba jasa ha e eja seaparo,seboko se ba jejwalokaha se eja boya.Empa ho loka ha kaho tla hlola kamehla yohle,ho pholosa ha kae be ha meloko yohle.”

9. Morena tsoha!Tsoha o re thusetseka tsoho la hao le matla!O tsohejwaloka mehleng ya kgalekgale,o tsohejwaloka melokong ya boholoholo.Na hase wenaya neng a kgabelake Rahaba?Na hase wenaya neng a kgehlepele kganyapa?

10. Na hase wenaya neng a pshese lewatle,ya neng a pshese metsia bodibabohalo?Ya neng a bule tselabodibeng ba lewatle,hore ba lopolotswengba tle ba tsebe ho tshela?

11. Balopollwa ba Morena ba tla kgutla,ba kene Sione ba bina ka nyakallo,thabo ya kamehla yohlee be mefapahlooho ya bona,thabo le nyakallo di ba aperele,maswabi le masisapelowona a ba tlohele.

12. “Nna, nna ke inotshi,ke nna ya le tshedisang.O mang wena o tshabang batho,dibopuwa tse shwang?O tshabang bathoba itshwanelang le jwang feela?

13. O leballang Morena,e leng Mmopi wa hao,yena ya ileng a ala mahodimo,a ba a rala metheo ya lefatshe?O phelelang ka tshabo,ka matsatsi wohle,ka baka la kgalefo ya mohatelliya rerileng ho o timetsa?E kae kgalefo ya mohatelli eo?

14. Bathopuwa ba matswalongba kgatheng la ho lokollwa,ha ba ka ke ba shwelaka tjhankaneng ya bona,ha ba ka ke ba hlokaleha e le bohobe.

15. “Ke nna Morena Modimo wa hao,ya fuduhang lewatlehore maqhubu a lona a hwase;Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.

16. Dipolelo tsa kadi tla tswa molomong wa hao,ke o sireleditseka moriti wa seatla sa ka,ke nna ya beileng mahodimotulong tsa wona,ke nnaya radileng metheo ya lefatshe,ke nna ya reng ho Sione:<O setjhaba sa ka.> ”

17. Tsoha! Tsoha!Ema wena Jerusalema,wena ya nweleng senwelo sa kgalefo,sa kgalefo ya Morenase le atleng sa hae,wena ya minyeletsang maritsa,maritsa a jwala bo tsekedisang batho.

18. Hara bohle ba mala a hae,ha ho ya mo tataisang,hara bao a ila ba hodisa,ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.

Esaya 51