Esaya 51:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. “E, Morenao tla utlwela Sione bohloko,a utlwele bohlokomasupi wohle a yona,mafeella ao a a fetolea be jwaloka Edene,mahwatata a yonaa be jwaloka rapa sa Morena.Thabo le nyakallodi tla fumanwa ho yona,ho utlwahale mantswea pina tsa diteboho.

4. “Lona batho ba ka,a le ke le mamele!Lona tjhaba sa kantshekeheleng tsebe!Molao o le tsamaisango tla tswa ho nna,kahlolo ya kae be sedi le bonesetsang ditjhaba.

5. Ho loka ha ka ho se ho atametse,ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng,toka e tla tlisetswa ditjhabake letsoho la ka.Ba dihlekehlekengba tla ntebella ka tjheseho,ba lebelle ka tshepoho sireletswa ke tsoho la ka.

6. Lelatsang mahlole tadime mahodimong,le be le tadime le tlase, lefatsheng;mahodimo a tla nyamelasa mosi ha o nyamela,lefatshe le tsofale jwaloka seaparo,baahi ba lona ba shwejwaloka dintsintsi.Empa ho pholosa ha kake ha kamehla yohle,le ho loka ha kaha ho ka ke ha fediswa.

7. “Lona ba tsebang se lokileng,mamelang!Lona tjhaba se tsebang molao wa ka,tjhaba seo molao wa kao leng ka pelong tsa sona:Le se ke la tshabaha batho ba le nyefola,kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.

Esaya 51