Esaya 51:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Bathopuwa ba matswalongba kgatheng la ho lokollwa,ha ba ka ke ba shwelaka tjhankaneng ya bona,ha ba ka ke ba hlokaleha e le bohobe.

15. “Ke nna Morena Modimo wa hao,ya fuduhang lewatlehore maqhubu a lona a hwase;Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.

16. Dipolelo tsa kadi tla tswa molomong wa hao,ke o sireleditseka moriti wa seatla sa ka,ke nna ya beileng mahodimotulong tsa wona,ke nnaya radileng metheo ya lefatshe,ke nna ya reng ho Sione:<O setjhaba sa ka.> ”

17. Tsoha! Tsoha!Ema wena Jerusalema,wena ya nweleng senwelo sa kgalefo,sa kgalefo ya Morenase le atleng sa hae,wena ya minyeletsang maritsa,maritsa a jwala bo tsekedisang batho.

18. Hara bohle ba mala a hae,ha ho ya mo tataisang,hara bao a ila ba hodisa,ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.

19. Koduwa tse pedi tsenadi o wetse hodimo;ya ka o tshedisang ekaba ke mang?O wetse ke tshenyeho le tahleho,o wetswe ke sekoboto le sabole;ya ka o thobang peloekaba ke mang?

Esaya 51