23. Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao,kgosatsana tsa tsonae be baanyesi ba hao.Di tla o obamelafahleho di tadimile fatshe,di be di nyeke lerolele maotong a hao.Ke moo o tla tsebahore Morena ke nna,hobane ba ntshepilengba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”
24. Na mohale a ka amohuwakgapo ya hae,kapa mothopuwa a lopollwaho motlatlapi wa hae?
25. Empa Morena o bua tjena:“E, bahale ba tla amohuwabathopuwa ba bona,le ba sehloho ba amohuwekgapo ya bona,Ba lwantshanang le wenake tla ba lwantsha,bana ba hao ke ba lopolle.
26. Bahatelli ba haoke tla ba fepa nama ya bona,ba tahwe ke madi a bonasa veine e ntjha.Batho bohle ba tla tsebahore nna Morena,ke Mopholosi wa haole Molopolli wa hao,yena Ya Matla wa Jakobo.”