Esaya 49:13-23 BIBELE (SSO89SO)

13. Lona mahodimo binang ka thabo,wena lefatshe nyakalla,lona dithaba binang ka nyakallo!Morena o tshedisa setjhaba sa hae,o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.

14. Empa Sione o itse:“Morena o mphuraletse!Morena wa ka o ntebetse!”

15. “Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,a se ka hauhela ngwanawa popelo ya hae?Leha yena a ka lebala,nna ha nka ke ka o lebala!”

16. Bona! ke ngotse bitso la haokahara diatla tsa ka,marako a haoke ntse ke a bona kamehla.

17. “Ba tla tsosa marako a hao,ba tla kgutla ba potlakile,ba o hataketseng, ba o ripitla,bona ba o balehe.

18. Phahamisa mahlo a hao,o thalatse kahohle;tjhaba sa hao se a phutheha,se tla ho wena.Ke hlapanya ka bitso la ka,”ho rialo Morena,“ho wenaba tla tshwana le mekgabiso,o ikgabise ka bonajwaloka monyaduwa.

19. “O fetohile lesupi, o hloka baahi,le naha ya hao e senyehile,e ke ke ya hlola e lekana,e lekana tjhaba sa hao,le hoja ba neng ba o ripitleba tla be ba le hole.

20. Bana bao o ba tswetsengnakong ya bofifi ba hao,ba tla buamoo o ntseng o utlwa, ba re:<Baka sena se senyenyane,ha se re lekane,re ekeletse naha re tsebe ho haha.>

21. Jwale ka pelong ya hao o tla re:<Bana baa ke ba tswaletswe ke mang?Ke ne ke shwelwe ke bana,ka ba jwaloka nyopa,ka thopuwa,ka iswa kwana le kwana.Bana baa ba hodisitswe ke mang?Ke ne ke setse ke le mong feela,empa jwale baa bona ba tswa kae?> ”

22. Morena Modimo o bua tjena:“Bona! ke tla hwehla baditjhaba,ke ba hwehle ka letsoho,ke phahamisetse ditjhabamokgele wa ka;di tla kgutlisa bara ba haodi ba sikile,di kgutlise baradi ba haodi ba pepile.

23. Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao,kgosatsana tsa tsonae be baanyesi ba hao.Di tla o obamelafahleho di tadimile fatshe,di be di nyeke lerolele maotong a hao.Ke moo o tla tsebahore Morena ke nna,hobane ba ntshepilengba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”

Esaya 49