Esaya 48:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Le ipitsa baahiba motse o halalelang,mme le tshepa Modimo wa Iseraele,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae:

3. “Tse fetilengke ne ke di bolele kgale,ka di phatlalatsa,ka etsa hore di tsejwe;ka di etsa ka ho panya ha ntshi,mme tsa eba teng.

4. Ke tsebilekamoo o leng manganga kateng;molala wa haoo sataletse sa tshepe,phatla ya haoyona e ka lethose.

5. Ka baka leo, ke o boleletse tsenae sa le kgale;di eso etsahale ka o bolella tsona,e le hore o tle o se ke wa re:<Modimo wa ka wa bohatao di entse,modimo wa ka wa lehongle modimo wa ka wa tshepe,ke yona medimo e ileng ya di laola.>

6. “Tsena kaofela o di utlwile,wa di bona,na ha o na ho di dumela?Ho tloha jwaleke tla o bolella tse ntjha,ke o bolelle tse patehileng,tseo o sa di tsebeng.

7. Di bopilwe hona jwale,e seng tshimolohong,ho fihlela kajenoo ne o eso di utlwe;ka hona o ke ke wa re:<Ke ne ntse ke di tseba.>

8. Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa;tsebe tsa hao haesale di thibaneho tloha kgale.Ke tseba hantlekamoo o leng maqiti kateng,o bitsitswe lehlabaphiyoho tloha mohla o tswalwang.

9. “Ka baka la lebitso la ka,kgalefo ya ka ke a e thisisa,ka baka la thoriso ya kae ke ke ya fihla ho wena,esere mohlomongka tshoha ke o timetsa.

10. Bona! ke o hlwekisitse,le hoja e se sa silefera;ke o lekileka seboping sa matshwenyeho.

11. Ka baka la ka,ka baka la ka feela,hona ke ho entse.Nka dumela jwanghore ke senngwe lebitso?Tlotla ya kaha nka ke ka e nea e mong.”

12. “Mmamele, wena Jakobo,wena Iseraele eo ke o bitsitseng:E hlile ke nna;ke nna wa pele le wa ho qetela.

Esaya 48