17. Morena, Molopolli wa hao,Ya Halalelang wa Iseraele,o bua tjena:“Ke nna Morena Modimo wa hao,ya o rutangtse leng molemo ho wena,ya o tsamaisangtseleng e o loketseng.
18. “Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka,kgotso ya haoe ka be le jwaloka noka,ho loka ha haoho ka maqhubu a lewatle.
19. Tloholo tsa haodi ka be di le kaa ka lehlabathe,bana ba haoba le kaa ka tlhaku tsa lonadi se na palo;lebitso la bonale ne le ke ke la fela,leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”
20. Tswang Babilona,le balehe Bakalatiya!Phatlalatsang tsenaka mehoo ya thabo,le di phatlalatseho ya pheletsong tsa lefatshe,le re: “Morena o lopolotse Jakobo,mohlanka wa hae.”