Esaya 47:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. “Theoha teroneng,o dule leroleng,Wena morwetsana,moradi wa Babilona;itulele fatshe,o theotswe teroneng,wena moradi wa Bakalatiya.Ha o sa tla bitswa ya bonojwana,ya bokotswang.

2. Nka lelwala, o sile phofo,lesira la hao lona o le role.Nyolla mese ya hao,ditlhafu di hlahe,ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.

3. Bofeela ba hao bo tla pepeseha,dihlong tsa hao di se ke tsa pateha.Ke tla iphetetsa,ha ke na ho qenehela motho.”

4. Molopolli wa ronabitso la hae ke Morena wa mabotho,ke Ya Halalelang wa Iseraele.

5. “Dula o kgutsitse,o kene hara lefifi,wena moradi wa Bakalatiya,ha o sa tla bitswamofumahadi wa mebuso.

6. “Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka,ka hlompholla lefa la ka;ka neelana ka sonamatsohong a hao,mme wena wa se hlokela mohau.Esita le maqheku ao e se le mobu,wa a belesa joko e boimahadi.

7. “Yaba wena o re:<Ke tla nne ke be mofumahadi,ke be yena kamehla yohle!>Empa tsena ha wa ka wa di nahana,kapa wa hopola pheletso ya tsona.

8. “Jwale mamela,wena ya ratang boithabiso,wena ya iphelelang a sa natse letho,wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re:<Ho re nna feela,ha ho pohopedi ntle ho nna!Nke ke be ka ba mohlolohadile kgale,le ho shwelwa ke bananke ke ka ho tseba!>

9. Empa tsena tse pedidi tla o kgaoletsa,ka ho panya ha ntshi,ka tsatsi le le leng:Ho shwelwa ke banale ho ba mohlolohadi.Di tla o wela hodimoka matla a maholo,di sa re letho ka boloi ba hao,di sa re letho ka boreba ba hao.

10. “O ile wa thepa bokgopo ba hao,wa ba wa re: <Ha ho ya mponang!>Wa kgeloswa ke bohlalele tsebo ya hao,ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re:<Ho re nna feela,ha ho pohopedi ntle ho nna!>

Esaya 47