Esaya 46:7-12 BIBELE (SSO89SO)

7. Ba a se nka,ba se jare ka mahetla a bona,ba se bee tulong tsa sona,se eme teng;moo se emeng tengse ke ke sa sisinyeha.Leha motho a ka ipiletsa ho sonaha se mo arabe,leha e le hona ho mo pholosatsietseng ya hae.

8. “Hopolang taba ena,e tsitse kelellong tsa lona,le nne le e hopole, lona bakwenehi.

9. Hopolang taba tsa boholoholotaba tsa kgale,ke nna Modimo,ha ho na e mong;ke nna Modimo,ha ho ya tshwanang le nna.

10. Ho tloha qalehongke tsebisitse batho tsa ho qetela,ho tloha mehleng ya boholoholoka ba tsebisa,ka ba tsebisa tse tla etsahala,ka re: <Merero ya ka e tla tiya,ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.>

11. Ke bitsa lenong le etswa botjhabela,e leng mothoya tswang naheng e hole,ke mmitsetsaho tla phetha thato ya ka.Seo ke se boletseng ke tla se phetha,seo ke se rerileng ke tla se etsa.

12. Mmameleng, lona ba pelo di thata,lona ba leng hole le ho loka.

Esaya 46