Esaya 45:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele,Mmopi wa hao o bua tjena:Na o ka mpotsa tse tla etsahalaho bana ba ka?Kapa wa ntaela mabapale mosebetsi wa matsoho a ka?

12. Ke entse lefatsheka ba ka le bopela motho,esita le mahodimoka a ala ka matsoho a ka,le dinaledi tsohle tsa lehodimodi laelwa ke nna.

13. Ka ho loka ha kake susumeditse Siruse,tsela tsa hae tsohledi tla otlollwa ke nna.O tla tsosa marako a motse wa ka,a be a lokolle bathopuwa ba ka,a ba lokollentle ho theko kapa moputso,”ho rialo Morena wa mabotho.

14. Morena o bua tjena:“Matlotlo a Egepetale thepa ya kgwebo ya Kushe,le banna ba diqhobaneba naha ya Sheba,ba tla ineela ho wenae be ba hao;ba hulane kamora haoba tlanngwe ka mahlaahlela.Ba tla o obamela,ba o rapele, ba re:<Ruri Modimo o na le wena,ha ho Modimo e mongntle ho yena.> ”

15. Ruri o Modimo ya ipatileng,wena Mopholosi,Modimo wa Iseraele.

16. Bohle ba etsang medimo ya bohataba tla hlajwa ke dihlong,ba tlontlolohe,ba ferekane kaofela ha bona.

Esaya 45