5. E mong o tla re:<Nna ke wa Morena;>e mong yena a ipitseka lebitso la Jakobo,wa boraro a ngole,a ngole ka letsoho la haea re: <Nna ke wa Morena!>ebe o ipitsaka lebitso la Iseraele.”
6. “Morena, Kgosi ya Iseraelele Molopolli,Morena wa mabotho o bua tjena:<Ke nna wa pele le wa ho qetela,kantle ho nna ha ho na Modimo.
7. Ya tshwanang le nna ke mang?Ha a ke a phatlalatse!A ke a bolele kapele ho nnase etsahetseng haesaleke thea tjhaba sa ka kgalekgale,a bolelele tse tlang ho etsahala.E, a ke a senole tse tlang ho tla.
8. O se ke wa thothomela,o se ke wa tshaba.Na ha ke a ka ka bolela hoo,ka ho senola kgalekgale?Lona le dipaki tsa ka;na ho teng Modimo e mongkantle ho nna?Tjhe, ha ho Lefika le leng,ha ke tsebe le le leng!> ”
9. Bohle ba etsang medimo ya bohatake lefeela,medimo eo ba e ratangke mafeelafeelane.Ba ka e buellang ba foufetse;ha ba bone, ha ba tsebehore ba tla tlontloloha.
10. Ya etsang modimo wa bohata,kapa ya bopang setshwantsho,yena o sebeletsa lelea.
11. Ba e kgumamelangba tla tlontloloha,ba e etsanghase letho ke batho feela.A ba ke ba tle kaofela,ba phehe kgang le nna;ba tla kenwa ke tshabo,ba tlontlolohe.
12. Lelala le nka tshepele e bese mollong,le e kgobe ka hamore,le bope modimo wa bohata,le e kgobeka tsoho la lona le sefutho,ho fihlela le lapa,le fellwa ke matla,metsi le sa a nwe,le be le kgathale.
13. Sebetli sa lehongse lekanya ka kgwele ya sona,se tshwayemoralo wa modingwana ka pene,se sebedise phalo ho betla lehong,ebe se le tshwaya ka ho methang.Jwale ebe se a betla,se etsa tshwantsho sa motho,tshwantsho sa mothoya kgahlehang haholo,se tla bewa ka tlung.
14. Motho o rema fate tsa dikedare,kapa a reme tsa kiperese le tsa eike,a reme le fatetse teng kahara moru,a hlome feiye,pula e e nwesetse;