Esaya 44:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. “Hopola ntho tsena, wena Jakobo,wena Iseraele,hobane o mohlanka wa ka;ke o bopile, o mohlanka wa ka,wena Iseraele,ha nka ke ka o lebala.

22. Ke hlakotse tshito tsa haojwaloka leru,ka hlakola dibe tsa haojwaloka mohodi,kgutlela ho nna,hobane ke o lopolotse.”

23. Binang ka nyakallo, lona mahodimo,hobane tsena Morena o di entse;howeletsanglona dikgohlo tsa lefatshe,lona dithaba binang haholo,le lona merule fate tsohle tse ho lona,hobane Morena o lopolotse Jakobo,o bonahaditse tlotla ya hae,a e bonahatsa ka Iseraele.

24. Morena, Molopolli wa hao,yena ya o entseng o sa le popelong,o bua tjena:“Ke nna Morenaya entseng dintho tsohle,ya adileng mahodimoke le inotshi,ya phutholotseng lefatsheke le inotshi.

25. Ke nna ya nyopisangdipontsho tsa baporofeta ba bohata,ya fetolang dinohe e be dithoto,ya nyopisang tsebo ya bahlalefi,a e fetole lefeelafeelane.

Esaya 44