1. “Jwale mamela, wena Jakobo,mohlanka wa ka,wena Iseraele eo ke mo kgethileng.
2. Morena, yena ya o bopileng,ya o entseng o sa le popelong,ya tla o thusa, o bua tjena:Se tshabe, wena Jakobo,mohlanka wa ka,le wena Jeshuruneeo ke mo kgethileng.
3. “Ke tla nesetsa pulanaheng e omeletseng,ke phallise melatswanamobung o omeletseng;ke tla theolela Moya wa kahodima ditloholo tsa hao,ke theolele mahlohonolo a kahodima tsona.
4. Di tla melahara jwang bo botalana,jwaloka fate tsa moduwanelebopong la noka.
5. E mong o tla re:<Nna ke wa Morena;>e mong yena a ipitseka lebitso la Jakobo,wa boraro a ngole,a ngole ka letsoho la haea re: <Nna ke wa Morena!>ebe o ipitsaka lebitso la Iseraele.”
6. “Morena, Kgosi ya Iseraelele Molopolli,Morena wa mabotho o bua tjena:<Ke nna wa pele le wa ho qetela,kantle ho nna ha ho na Modimo.
7. Ya tshwanang le nna ke mang?Ha a ke a phatlalatse!A ke a bolele kapele ho nnase etsahetseng haesaleke thea tjhaba sa ka kgalekgale,a bolelele tse tlang ho etsahala.E, a ke a senole tse tlang ho tla.