Esaya 43:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. e leng bohle ba ipitsangka lebitso la ka,bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise,bao ke ba bopilengka ba ka ba etsa.”

8. Tlisang ba foufetsengempa ba ena le mahlo,bao e leng ditholoempa ba ena le ditsebe.

9. Matjhaba wohlea phutheha hammoho,ditjhaba le tsona di a kgobokana;ke mang hara tsonaya boletseng tsee,a ba re bolella tsa kgalekgale?A ba ke ba tlisedipaki tsa bona mona,di tle di pake hore ba nepile,e le hore di ba utlwe,di re: “Ke nnete!”

10. “Wena Iseraele, o paki ya ka,”ho rialo Morena,“o mohlanka wa kaeo ke mo kgethileng,o tle o tsebe, o dumele ho nna,mme o utlwisisehore ke nna Modimo.Ha ho modimoo bopilweng pele ho nna,kapa ha eba le o mongkamorao ho nna.

11. “Nna, nna ke inotshi, ke Morena,kantle ho nna ha ho Mopholosi.

12. Ke nna ya senotseng,ka pholosa, ka phatlalatsa,ke nna, e seng modimo o mong oseleo hara lona.Lona le paki tsa kahore ke nna Modimo,”ho rialo Morena.

13. “E, haesale ke le yenaho tloha mehleng ya kgale,ha ho ya ka pholosangse ka seatleng sa ka.Seo ke se etsangse ka etsollwa ke mang?”

14. Morena, Mopholosi wa hao,Ya Halalelang wa Iseraele,o bua tjena:“Ka baka la lonake tla otla Babilona,babalehi bohle ba Bakalatiyake ba theole,ke ba theole ba balehele dikepeng,dikepeng tseoba neng ba ikgantsha ka tsona.

15. Ke nna Morena,Ya Halalelang wa lona,Mmopi wa Iseraele,Kgosi ya lona.”

16. Morena o bua tjena,yena ya phuntseng tsela lewatleng,a seha mmilahara metsi a befileng;

17. ya ntshitseng diperele kariki tsa ntwa,a ntsha mabothole mekgahlelo ya wona,mabotho a rapalla moo,a rapallela ruri,a fediswa seka lebone le tingwa:

18. “Lebalang tsa kgalekgale,tse fetileng le se ke la di nahana.

Esaya 43